Wikipedia
stwiki
https://st.wikipedia.org/wiki/Leqephe_la_pele
MediaWiki 1.47.0-wmf.14
first-letter
Media
Special
Talk
User
User talk
Wikipedia
Wikipedia talk
File
File talk
MediaWiki
MediaWiki talk
Template
Template talk
Help
Help talk
Category
Category talk
TimedText
TimedText talk
Module
Module talk
Event
Event talk
Colombia
0
5039
40591
30950
2026-08-10T20:52:36Z
Martin Macha 2111
8304
/* */
40591
wikitext
text/x-wiki
{| border=1 align=right cellpadding=4 cellspacing=0 width=300 style="margin: 0 0 1em 1em; background: #f9f9f9; border: 1px #aaaaaa solid; border-collapse: collapse; font-size: 95%;"
|+<big><big>'''Colombia'''</big></big>
|-
| style="background:#efefef;" align="center" colspan=2 |
{| border="0" cellpadding="2" cellspacing="0"
|-
| align="center" width="140px" | [[File:Flag of Colombia.svg|100px]]
| align="center" width="140px" | [[File:Coat of arms of Colombia.svg|70px]]
|-
| align="center" width="140px" | (Folaga ye Colombia)
| align="center" width="140px" | (Seboko ye Colombia)
|}
|-
| align="center" colspan=2 | <small>''[[Lepetjo]]: Libertad y orden'' {es}</big>
|-
| align=center colspan=2 | [[File:COL orthographic.svg|300px]]
|}
[[File:Campus Party Colombia 2010 - Montaje.jpg|thumb|left|]]
'''Colombia''' ke naha wa [[Amerika Borwa]] e nang le baahi ba fetang 53 399 171 ka palo. Toropokgolo ya moo ke [[Bogotá]].
[[Category:Amerika Borwa]]
[[Category:Colombia]]
91mmnnl5gikwlwedwx7dpx6406twhee
Moshoeshoe wa Bobedi wa Lesotho
0
9240
40594
32052
2026-08-11T01:47:53Z
InternetArchiveBot
8513
Rescuing 1 sources and tagging 0 as dead.) #IABot (v2.0.9.5
40594
wikitext
text/x-wiki
[[File:Koning Moshoeshoe II van Lesotho op bezoek in het Rijksmuseum, Amsterdam, tijden, Bestanddeelnr 923-4413.jpg|thumb|Morena Moshoeshoe wa Bobedi.]]
'''Morena Moshoeshoe wa Bobedi''' (2 Motsheanong 1938 - 15 Pherekgong 1996), eo pele ya neng a tsejwa e le '''Constantine Bereng [[Seeiso of Basotholand|Seeiso]]''', e ne e le Morena ya ka Sehloohong wa [[Basutoland]], ya ileng a nka sebaka sa Morena ya ka Sehloohong Seeiso ho tloha ka selemo sa 1960 ho fihlella naha e fumana boipuso bo felletseng ka mora hore e buswe ke naha ya Borithane ka selemo sa 1966. E ne e le Morena wa naha ya Lesotho ho tloha ka selemo sa 1966 ho fihlella a ya ditlamong ka selemo sa 1990, le ho tloha ka selemo sa 1995 ho fihlella a hlokahala ka selemo sa 1996.<ref>https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/</ref>
== Bophelo ba bonyaneng ==
'''Moshoeshoe''' o hlahile e le Constantine Bereng Seeiso mme e ne e le setloholo tsa morena wa setjhhaba, Moshoeshoe, ke ka moo a fumaneng lebitso la hae la borena teng. <ref>Nduta Waweru. </ref> Seeiso e monyane o ile a fumana thuto ya hae Kholejeng ya Roma e Lesotho, yaba (ho bonahala a baleha menyenyetsi ya hore monna wa mmae o ne a rerile ho mo jesa tjhefu) o romelwa naheng ya England, Kholejeng e bitswang Ampleforth mme hamorao a iswa Kholejeng e bitswang Corpus Christi e toropong e bitswang Oxford.<ref>https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho</ref><ref name="ind">[https://web.archive.org/web/20080607212515/http://findarticles.com/p/articles/mi_qn4158/is_19960116/ai_n9637041 Obituary: King Moshoeshoe II of Lesotho] by Benjamin Pogrund in [[The Independent]], 16 January 1996 (accessed 3 November 2007)</ref> Ha a ntse a le moo, o ile a phela jwalo ka monna wa naha ya England, a tsoma, a kwetlisa ho thunya hape a tshwasa ditlhapi.<ref>https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/</ref> <ref name="ind" />
[[File:Moshoeshoe II., Lekhanya.jpg|thumb|Morena Moshoeshoe ka selemo sa 1988.]]
== Puso ==
'''Matla a Moshoeshoe a dipolotiki''' a ne a dula a lekanyeditswe mme puso ya hae e ile ya thijwa ka makgetlo a mabedi. Mathwasong a puso ya hae, Morena Leabua Jonathan o ile ya eba Tonakgolo ya Lesotho mme a fumana taolo ya mmuso. Jonathan o ile a emisa borena ba Moshoeshoe ka selemo sa 1970 ho tsosollosa taolo ya hae naheng ka mora hore mokga wa hae o hlolwe dikgethong. Moshoeshoe o ile a ya ditlamong tsa nakwana naheng ya [[Hôlanê|Netherlands]]<ref>https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/</ref>. Dikgwedi tse seng kae hamorao, ha a se a ena le taolo, Jonathan o ile a dumella Moshoeshoe hore e be Morena hape. Jonathan ka boyena o ile a tloswa ka selemo sa 1986 mme Morena a fumana matla a itseng empa o ile a tloswa ka selemo sa 1990, ha mora wa hae Letsie wa Boraro a qobellwa ho nka sebaka sa hae sa Borena. Moshoeshoe o ile a ya ditlamong naheng ya United Kingdom empa a kgutlisetswa teroneng ka selemo sa 1995. Ka selemo sa 1996, o ile a bolawa ke kotsi ya koloi mme Letsie a boela ho ba morena ka mora kgwedi.<ref>https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/</ref>
Nakong ya merusu ya dipolotiki ya selemo sa 1970 le sa 1990 ebile e le kgwedi ka mora lefu la hae ka selemo sa 1996, mosadi wa hae le 'Mamohato, mme wa Letsie, ba ile ba behwa e le bona ba busang nakwana.
; Kgutsufatso ya puso
* 1960-1966: Morena ya ka Sehloohong wa Basutoland, Constantine Bereng Seeiso.<ref name="ind"/>
* 1966: ya eba Morena Moshoeshoe wa Bobedi wa Lesotho.<ref name="ind" />
* 1970: a lelekwa naheng Lesotho.<ref name="ind" />
* Hlakola 1990: a amohwa matla a molaotheo.<ref name="ind" />
* Pudungwana 1990: o ile a tloswa, mora wa hae Letsie wa Boraro ya eba morena.<ref name="ind" />
* 1990-1992: o ne a le ditlamong naheng ya UK.<ref name="ind" />
* Pherekgong 1995: o ile a kgutlisetswa ho ba Morena.<ref name="ind" />
* Pherekhong 1996: a hlokahala, Letsie wa Boraro ya eba Morena.<ref name="ind" />
== Lefu ==
'''Morena Moshoeshoe wa Bobedi''' o ile a hlokahala a le dilemo tse 57 kotsing ya koloi, ha koloi ya hae e qhelela tseleng e dithabeng hoseng ha ''06 Pherekgong'' ka selemo sa 1996<ref>https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/</ref>. Kotsi eo e ile ya boela ya bolaya mokganni wa koloi. <ref name="nyt" /> Ho ya ka polelo ya mmuso, Moshoeshoe o ne a nkile leeto ka hora ya pele hoseng ho ya etela dikgomo tsa hae motseng o bitswang Matsieng mme o ne a kgutlela Maseru a nkile tsela ya Dithaba tsa Maloti ha koloi ya hae e tla tswa tseleng.<ref name="nyt">[https://query.nytimes.com/gst/fullpage.html?res=9C00E4D91139F935A25752C0A960958260&sec=&spon=&pagewanted=all King of Tiny Land Circled by South Africa Dies in Car Plunge], by Donald G. McNeil Jr. in [[The New York Times]], 16 January 1996 (accessed 3 November 2007)</ref>
== Lelapa ==
'''Moshoeshoe''' o ile a nyala Kgosatsana e bitswang Tabitha 'Masentle Lerotholi Mojela (eo hamorao a ileng a tsejwang e le Mofumahadi 'Mamohato wa Lesotho)<ref>https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/</ref> ka selemo sa 1962, mme ba eba le bara ba babedi le moradi ya le mong:<ref name="ind"/>
* Kgosana David Mohato Bereng Seeiso, hamorao ya eba Morena Letsie wa Boraro wa Lesotho (ya tswetsweng ka la 17 Phupu ka selemo sa 1963).<ref>https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho</ref>
* Kgosana Seeiso Bereng Seeiso wa Lesotho (ya tswetsweng ka la 16 Mmesa ka selemo sa 1966).<ref>https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho</ref>
* Kgosatsana Constance Christina 'Maseeiso (ya tswetsweng ka la 24 Tshitwe ka selemo sa 1969, a hlokahala ka la 7 Lwetse ka selemo sa 1994).<ref>https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho</ref>
qkapu9zqvsqvbql654d4xlmk3apkedw
Seanamarena Kobo ya Basotho
0
9242
40596
39908
2026-08-11T02:11:19Z
InternetArchiveBot
8513
Rescuing 1 sources and tagging 0 as dead.) #IABot (v2.0.9.5
40596
wikitext
text/x-wiki
Mehleng ya kgale ya dilemo tsa makgolo a dilemo a bo19, [https://gama.unisa.ac.za/geoterm/concepts/247/nso/ maYuropa] a ile a tla ka dikobo tsena naheng ya [https://en.numista.com/catalogue/pieces3533.html Afrika Borwa] jwalo ka sesupo sa ho etsa kgotso le ho qetela ho etsa dinaha tsa Afrika dikolone, moo teng Lesotho le ileng la qala ho ikemela.<ref>Karstel, M., 1995. The Basotho blanket, borrowed but traditional. ''Navorsinge van die Nasionale Museum: Researches of the National Museum'', ''11''(8), pp.215-218.</ref> Kajeno dikobo tsena di aparuwa ke basotho e le tsela ya ho ikotla sefuba le ho bontsha boikgantsho ka bong ba bona le setso. Ntle le hore e aparelwa ho thibela mohatsela, le badisa-dikgomo ba e apara jwalo ka tshupiso ya hore "Ke mosotho," mme leo ke lebaka le tshwanang ho batho ba Basotho ka bongata.
== Lebaka la Basotho ho apara dikobo ==
Mabaka ke a mangata a fapaneng a hore hobaneng basotho lefatsheng ka bophara ba apara dikobo mme le tlwaelehileng haholo ke la hore ba ithibeletsa mohatsela le serame empa a feta moo. Basotho ba apara dikobo ho bontsha hlompho, kgotso le boikokobetso ho batho ba bang. Ho feta moo; ba di apara meketjaneng ya bona ka ho fapana mme jwalo ka ha dikobo tsena ka bo tsona di fapane - e nngwe le e nngwe e aparuwa ho ya ka hore ho hlahile mofuta o jwang wa ketsahalo. Mabaka a mang a ho apara kobo e ka ba a tshwanang le ho keteka letsatsi la botjhaba leo ka Senyesemane le bitswang ka hore ke ''[https://www.gov.za/news/events/commemorative-events/heritage-day Heritage Day], le morwetsana ha ithwetse ke moo teng a e lahlelang thekeng la hae ho pata ka ho bontsha hlompho ho baholo ba hae kapa hona ho bontsha hore o lebelletse lesea.'' <ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://www.thulatula.com/blogs/community/why-the-basotho-wear-blankets#:~:text=Today%2C%20the%20Basotho%20blanket%20is,identity%2C%20heritage%2C%20and%20status. |access-date=2024-08-11 |archive-date=2024-08-11 |archive-url=https://web.archive.org/web/20240811160654/https://www.thulatula.com/blogs/community/why-the-basotho-wear-blankets#:~:text=Today%2C%20the%20Basotho%20blanket%20is,identity%2C%20heritage%2C%20and%20status. |dead-url=yes }}</ref> Ka mafu e aparuwa mahetleng ho bontsha hlompho le hore a seng a iketse boya batho a tsamaye hantle, bashemane ba tswang mophatong ba di apara le bona ho bontsha hore ba se ba fetile tseleng ya ho ba lokisetsa ho ba banna ba hlwahlwa.
Ha o kena botebong ba taba ena ke moo o bonang hore [[wikt:kobo|Seanamarena]] ha se kobo ya lefeela empa e tshwere ditlhaloso tse fetang moo; jwaloka ho aparuwa ha teng le hore mebala ya teng ka ho fapana le meralo ya teng e bolela eng mme e tlwaelehileng haholo ke ya leeba le bolelang 'Kgotso' mme ho tle jwalo le mebala ya teng ka ho fapana, ho na le tse ding tsa marumo hoo ho ka bolelang 'tshireletso' le tsa ditaemane ka mokokotlong tseo di bolelang 'moruo' - kaofela ha tsona di le jwalo di bohlokwa haholo ho Basotho.
==== Mokgwa wa ho apara dikobo ====
[[File:Seanamarena North West.jpg|thumb|Kobo ya basotho e hlwahlwa]]
Bobedi ba batho ba batshehadi le ba batona ha ba apare kobo ka ho tshwana. Ho latelang ke polelo e hlalosang ka botlalo hore mong ka nngwe o tlamehile kapa hona tshwanelehile ho apara kobo jwang: Batho ba batona ba e qhwaela lehetleng le ka lehlakoreng le letona mme ba e hlanollelela ka moo mmala wa yona o leng lerotho. Batho ba batshehadi ba ikhahla ka yona lethekeng, empa hona ba ho etsa ha ngata ha e ba ba ithwetse. Tsela e nngwe ya ho e apara ke ho e lahlela mahetleng a bona jwalo ka sholo ba e qopela ka lemao mme bona ba shebisa mmala o hlakileng setjhabeng. <ref name=":0">{{Cite web |title=Archive copy |url=https://safreachronicle.co.za/basotho-blankets-lesotho-stories-and-emblems/ |access-date=2024-08-14 |archive-date=2024-05-21 |archive-url=https://web.archive.org/web/20240521043823/https://safreachronicle.co.za/basotho-blankets-lesotho-stories-and-emblems/ |dead-url=yes }}</ref>
Dikobo tsena tsa [[Kobo ya Basotho|Basotho]] di ikgethile hobane di a makatsa e le ka nnete - di entswe ka mahlakore a mabedi ka mebala e fapaneng, ha le leng mmala wa teng o hlakile ebile o kganya; le leng lona mmala wa lona o lerotho ebile o fifetse e leng moo ho kenang taba ena ya hore bong ka bong bo apara jwang. Hodima ditsela di fapane tsa batho ho apara kobo; e le nngwe e tshwanang e leng ya mela e takilweng kobong - ka dinako tsohle motho o tlamehile ho nnetefatsa hore kobo ya hae mela ya teng e lebahane mme e shebetse hodimo ho ya fatshe e seng ka lehlakore, hoo ho bontsha kgolo. <ref name=":0" />
Tse itlhomeng pele ha jwale ke hore re bona dikampani tse kgolo jwalo ka [https://web.archive.org/web/20240818173844/https://lesotho-blanketwrap.com/2017/lesotho-clothing-and-fashion/louis-vuittons-latest-basotho-blanket-inspired-range/ Louis Vuitton] di nka meralo ya Seanamarena ho etsa diaparo tseo di ka kgahlang batho.<ref>https://www.timeslive.co.za/sunday-times/lifestyle/fashion-and-beauty/2017-07-13-the-evolution-of-the-basotho-blanket/</ref> Diaparo tsena ke tse aparuwang ke efatshe ka bophara ho kenyelleditse le makgowa a dulang dinaheng tse ka nqane mose ho mawatle.
== Ditshupiso ==
[[Category:Louis Vuitton]]
[[Category:Basotho]]
[[Category:Seanamarena]]
[[Category:Letsatsi la botjhaba]]
js8bep2jyvrbawjdj9v4cpozq2khyvr
Bongi Makeba
0
9474
40599
33650
2026-08-11T06:36:49Z
Graham87
1390
/* Tsa bophelo */ remove year I'm not sure about per my edits to the English Wikipedia
40599
wikitext
text/x-wiki
'''Bongi Makeba''' (20 December 1950 - 17 March 1985) e ne e le sebini sa Afrika Borwa. E ne e le ngwana a le mong wa sebini [[Miriam Makeba]] le monna wa hae wa pele, James Kubay. <ref>''Rudo Mungoshi (14 November 2008).'' "Hamba kahle, Mama Africa"''. Joburg official website: www.joburg.org.za. Archived from'' the original ''on 29 July 2013. Retrieved 20 June 2012.''</ref>
== Tsa bophelo ==
Angela Sibongile Makeba o hlahile Afrika Borwa ka 1950, ha mme wa hae a ne a le dilemo tse 18. Lebitso la Bongi leo a ileng a tsejwa ka lona ke phetolelo e kgutshwane ya lebitso la hae la bobeli Sibongile, le bolelang "Re ya leboha". Ka 1959 mosebetsi wa mme wa hae o ile wa mo isa New York, moo a ileng a dula botlamuweng kamora ho thibelwa ho khutlela Afrika Borwa, mme ka 1960 a ikopanya le Bongi, ya ileng a dula le metsoalle ha mme wa hae a ntse a eta le lefatshe.
Mme wa Bongi o ile a mo tsebisa e le sebapadi nakong ya konsarete ya 1967 holong ya Philharmonic ya New York. Ka 1967 yena le Judy White, moradi wa Josh White, ba saenetse Buddha Records e le "Bongi le Judy", albamo ya bona ya pele e le "Runnin' Out" le "Ha re Kopane". Ha a le dilemo di 17, Makeba o ile a kopana le monna wa hae wa Moamerika, Harold Nelson Lee, eo mathwasong a dilemo tsa bo-1970 a ileng a etsa direkoto tse peli "7" e le "Bongi le Nelson", tse nang le dipina tse pedi tsa moya tse hlophisitsoeng ke George Butcher: "That's the Kind. ya Lerato" e tshehetsweng ke "I Was So Glad" (Fora: Syliphone SYL 533), le "Ntho e nngwe le e ngwe, Bakeng sa Lerato la Ka" le "Na U Hopola, Malcolm? "(Fora: Syliphone SYL 532). </link> O ile a rekota alebamo e le nngoe feela, ''Bongi Makeba, Blow On Wind'' (pläne-records), ka 1980. Tse ding tsa dipina tsa hae di ile tsa utluwa dilemo hamorao bukeng ya mme wa hae. Bobedi ba bona, "Malcolm X" (1972) le "Lumumba" (1970), ba rorisa baetapele ba batšo ba bolailoeng. </link> Mmae o laetse pina e tswang Makeba bakeng sa mokete wa boipuso ba Mozambique ka 1975; o ngotse "Aluta Continua" (Ntoa e Tsoela Pele) le motlatsi oa Bill Salter. <ref name="Jolaosho 2021" />
Makeba o ne a e-na le bana ba bararo: Nelson Lumumba Lee, ya hlahileng ka 1968 mme a rehilwe ka batshehetsi ba boipuso ba Afrika Nelson Mandela le Patrice Lumumba; Zenzi Monique Lee (ya hlahileng ka 1971), le mora, Themba, ya hlokahetseng e le ngwana e monyane.<ref>{{Cite news|newspaper=Gamal Nkrumah}}</ref><ref>{{Cite news|newspaper=Jon Pareles}}</ref> Nakwana ka mora hore Makeba a be le ngwana wa hae wa pele, mme wa hae o ile a nyala Stokely Carmichael, e leng se ileng sa baka kgatello e kgōlō bophelong ba hae United States. Banyalani bana ba ile ba fallela Guinea, moo Makeba le bana ba hae ba ileng ba ba etela teng. Ba ile ba dula hammoho ka nako e itseng, leha lefu la Themba, le etsahetseng ha Makeba a ne a le leetong, le ile la baka mathata kamanong ya hae le mme wa hae.<ref name="Jolaosho 2021" /> Lelapa lena le ne le tshehetswa ke mopresidente wa Guinea Sekou Touré, ya neng a bile motswalle oa Miriam Makeba le Carmichael, ho fihlela lefu la Touré ka 1984. Selemong se latelang, Makeba e ile ya eba moimana mme a beleha pele ho nako, mme a hlokahala ka la 17 March 1985, a le lilemo di 34, ka lebaka la mathata ka mora ho lahlehelwa ke ngoana ya e-s'o tswalwe. O ile a patwa Conakry. <ref name="Jolaosho 2021" /><ref name="foundation">[https://www.miriammakeba.org/index.php?option=com_content&view=article&id=44&Itemid=260 "Bongi Makeba"], Miriam Makeba Foundation.</ref>
== Ho hatisa di-disc ==
* Ho Phatloha Moea (1980; Jeremane: pläne - 88234)
* ''Miriam Makeba & Bongi'' (1975; LP le Miriam Makeba; Guinea: Editions Syliphone Conakry SLP 48)
== Mehlodi ==
{{Reflist|30em}}
dmm9ozbrsdd4xj2sbw2bmrzvn9rq51d
Mosia Mawele Twin
0
10117
40595
39899
2026-08-11T01:47:55Z
InternetArchiveBot
8513
Rescuing 1 sources and tagging 0 as dead.) #IABot (v2.0.9.5
40595
wikitext
text/x-wiki
Twin Mawela Mosia (o hlahile ka la 17 Phupu 1984) ke mohlokomedi wa musiamo wa [[Afrika Borwa]] le mosireletsi wa setso sa [[Basotho]] ya tswang motseng [[Petrus Steyn|Mamafubedu]] profensing ya Foreistata . Mosebetsi wa hae o shebang le ho boloka nalane, bohahlaudi ba lefa le phatlalatso ya tsebo.
Mosia o ile a hlahella dihloohong tsa ditaba ka 2014 ka lebaka la ho nka karolo ha hae ho di-reenactments tsa Ntwa ya Anglo-Boer (1899-1902) le [[Ntwa tsa Foreistata tsa Basotho|Ntwa ya Foreistata-Basotho]] (1858-1868), haholo-holo e le motho a motsho wa pele wa Afrika Borwa ho nka karolo ho di-reactments tse jwalo, a phephetsa ho qhelelwa ka thoko ha merabe ho tswa dipaleng tsena tsa nalane. O qalile ho nka karolo ditshwantshong tsa ntwa ka 2013 kamora hore a kopane le Dr. Van Zyl Musiamong wa ntwa wa Anglo-Boer [[Mangaung|Bloemfontein]], ya ileng a mo kgothaletsa ho phehella takatso ya hae ya nalane le lefa, mme o ile a tsejwa e le Mo-afrika Borwa wa pele wa motho o motsho ya bapalang dikarolo tsa mofuta ona wa ditshwantshong.
== Semelo le mosebetsi ==
Leha a tobane le mathata a thata a botjhaba le moruo, ho kenyeletswa ho dula ka mokhukhung, Mosia o fetohile mohale wa lehae Mamafubedu ka lebaka la mosebetsi wa hae wa ho pheta dintwa tsa nalane ya [[Afrika Borwa]], ho theha musiamo o fumanehang, le ho qala merero ya polokeho le bonono ho phahamisa setjhaba sa hae. <ref>https://www.netwerk24.com/netwerk24/man-finds-vision-for-the-future-in-the-past-20170704-2</ref>
O hlahetse le ho holela motseng wa [[Petrus Steyn|Mamafubedu]], Mosia o ile a ba le thahasello e tebileng nalaneng le moetlong wa Afrika Borwa ho tloha bongwaneng, mme takatso ya hae ya lefa le ho pheta dipale hamorao e ile ya fetoha karolo e hlahelletseng ya ho boloka lefa la nalane le setso sa botjhaba sa hae sa [[Basotho]]. <ref>https://www.netwerk24.com/netwerk24/man-finds-vision-for-the-future-in-the-past-20170704-2</ref>
O ile a qala ka ho sebetsa e le mosebeletsi wa serapeng motseng wa [[Vereeniging]] pele a eba mosebeletsi wa mmaene ho Anglo Platinum Mokopane. <ref>https://www.huffingtonpost.co.uk/2017/09/01/meet-miner-twin-mosia-who-is-trying-to-make-history-literally_a_23193305/</ref>O ile a fallela Kolomela Mine ho Postmasburg pele a tlohela ka 2015 ho tsepamisa maikutlo ho lefa le dimusiamo. <ref>https://www.huffingtonpost.co.uk/2017/09/01/meet-miner-twin-mosia-who-is-trying-to-make-history-literally_a_23193305/</ref>
Ka ho etsa ditshwantsho tse ntjha, mananeo a thuto le dipontsho tsa dijithale, Mosia o tlisitse tlhokomediso ya dipale tse sa tshwauweng hantle nalaneng ya Afrika Borwa, haholoholo karolo eo Ma-afrika Borwa a batsho a ileng a e bapala nakong ya dintwa.
=== Mosebetsi wa musiamo le wa lefa ===
Mosia ke mothehi wa Musiamo wa Elandskop, mohato wa lefa o thehilweng seteisheneng sa terene sa Transnet se senyehileng seo a ikemiseditseng ho se fetola e be sebaka sa lefa sa lehae.<ref>https://www.bizcommunity.com/Article/196/787/170959.html</ref>
O ile a qala ho tsebahala ka ho nka karolo ho phetheng Ntwa ya Anglo-Boer (1899-1902) le Ntwa ya Basotho (1858-1868) - e ba e mong wa Ma-afrika Borwa a pele a batho batsho ho hlalosa diketsahalo tsena tsa bohlokwa tsa nalane. Mosebetsi wa hae o totobatsa menehelo e atisang ho hlokomolohuwa ya Batho ba batsho nakong ya dikgohlano tsena. <ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://bloemnuus.co.za/new-additions-in-the-boer-war-museum-make-it-a-must-visit-20231129-2/ |access-date=2025-12-02 |archive-date=2025-10-18 |archive-url=https://web.archive.org/web/20251018135207/https://bloemnuus.co.za/new-additions-in-the-boer-war-museum-make-it-a-must-visit-20231129-2/ |dead-url=yes }}</ref>
[[File:Posing_for_a_photo_with_fellow_participants_from_Russia_at_Wikimania_2018_in_Cape_Town.jpg|thumb|Twin Mosia le barupeli ba Wikimania 2018 Cape Town.]]
Ka 2013, Mosia o ile a kopana le Dr. Van Zyl Musiamong wa Ntwa ya Anglo-Boer e [[Mangaung|Bloemfontein]] mme ho tloha moo a phethahatsa ditoro tsa hae tsa ho ba mohlokomedi wa lefa. Ka 2015 Mosia o ile a memelwa ho fana ka puo Univesithi ya Sol Plaatje mme a hira baithuti ho nka karolo ho thunngwa ha filimi ya ditokomane lebaleng la ntwa la Magersfontein. Ho tloha ka nako eo o hlahisitswe difiliming tse pedi tsa ditokomane [[Hôlanê|Netherlands]], tse bitswang Goede Hoop ("Tshepo e Ntle") le ''Black, White & Khaki''. ''''Hoop ya Goede'''' e ile ya bontshwa Rijksmuseum e [[Amsterdam]]. <ref>https://voertaal.nu/twin-mosia-brengt-de-geschiedenis-tot-leven/</ref>
Mosia ke moithuti sa Global Cultural Leadership Program y selemo sa ya 2018 e neng e tshwaretswe [[Amsterdam]], Netherlands, ka 2018 le Brussels, Belgium ka 2019.<ref>https://www.cultureinexternalrelations.eu/search/Twin%20Mosia</ref>E hlophisitswe ke Goethe-Institut ka kopanelo le dipuisano tsa Setso, European Union, British Council, BORAZ Centre for Fine Arts Brussels, EUNIC Global, European Cultural Foundation le Institut Francais, Global Cultural Leadership Program e ile ya tlisa baetapele ba batjha ba 40 ba setso sa lefatshe ka bonono, lefa, setso, dimusiamo, tikoloho, difilimi, lebala la diketsahalo le mmino hammoho le ho buisana ka ditaba tsa bohlokwa tsa lefatshe le tharollo e ka bang teng ka marang-rang, bolekane le tshebedisano e nang le moelelo.<ref>https://www.cultureinexternalrelations.eu/2018/04/25/two-years-of-global-cultural-leadership-programme</ref>
O boetse ya eba moithuti wa American Express Academy for Emerging Innovators 2019 ene tshwaretswe [[Nairobi]], [[Kenya]] mme qetellong ke Independent Curators International - Curatorial Intensive 2019 e tshwaretsweng [[Motse Kapa|Cape Town]].<ref>https://curatorsintl.org/about/collaborators/7776-twin-mosia</ref> Ka 2018, o ile a phatlalatswa e le moemedi wa [[Veldskoen Shoes|dieta tsa Veldskoen]].<ref>https://www.ofm.co.za/article/centralsa/329388/love-for-heritage-local-products-land-free-state-man-a-job</ref><ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://www.veldskoen.com/blogs/news/meet-twin-mosia-legend-in-the-making |access-date=2025-12-02 |archive-date=2025-03-26 |archive-url=https://web.archive.org/web/20250326074326/https://www.veldskoen.com/blogs/news/meet-twin-mosia-legend-in-the-making |dead-url=yes }}</ref><ref>https://www.veldskoen.com/blogs/news/after-climbing-a-great-hill-one-only-finds-that-there-are-many-more-hills-to-climb</ref>
Ka 2024, Mosia o ile a khethwa ho sebeletsa lekgotleng la Free State Provincial Heritage Resources Authority le ho eletsa MEC ya Lefapha la Bonono le Setso la Free State. <ref>https://theguard.co.za/rhino-park-in-petrus-steyn-to-celebrate-200-years-of-basotho-nation/</ref>
== Dikgau le dikatleho ==
* Moputso wa Golden Shield wa Lekgotla la Naha la Lefa la 2016.<ref>https://www.netwerk24.com/netwerk24/man-finds-vision-for-the-future-in-the-past-20170704-2</ref>
* Mokgatlo wa Lefa wa Afrika Borwa Kgau ya Kgauta ya 2016.<ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://heritagesa.org/hasa-councillor-twin-mosia-continues-to-make-waves/ |access-date=2025-12-02 |archive-date=2024-12-04 |archive-url=https://web.archive.org/web/20241204162153/https://heritagesa.org/hasa-councillor-twin-mosia-continues-to-make-waves/ |dead-url=yes }}</ref>
* South African National Parks Kudu Award 2017.<ref>https://www.sanparks.org/news/media-release-kudu-award-winners-lead-sanparks-conservation-efforts-in-style</ref>
* Mail le Guardian 200 Top Young South Africans 2017.
* News24 100 Young Mandelas 2018.
* Moputso oa Mopresidente oa 2018.
* Afrika Youth Awards -Africa Youth of the Year (Male) Finalist 2018<ref>https://www.ghafla.co.ke/gh/tag/africa-youth-awards-2018/</ref>
* The Young Independents SADC Top 100 ya 2018: Trailblazer. <ref>https://www.tyi.co.za/your-life/news/sadc-top-100-of-2018-trailblazer-twin-mosia</ref>
* Moputso wa Eco Logic Award 2018 wa ho qetela. <ref>https://www.bizcommunity.com/Article/196/628/175986.html</ref>
* Ka hare ho Thuto Linaleli tse 100 tse khanyang 2020.<ref>https://insideeducation.co.za/wp-content/uploads/2020/08/100-Shining-Stars-Rev-12-1_compressed.pdf</ref>
== Mehlodi ==
2ap15mwj8av34e9lhc4yez3wwdm3se2
Moesia oa mafahla
0
10119
40593
38193
2026-08-11T01:44:36Z
InternetArchiveBot
8513
Rescuing 1 sources and tagging 0 as dead.) #IABot (v2.0.9.5
40593
wikitext
text/x-wiki
== Semelo le mosebetsi ==
Leha a tobane le mathata a thata a botjhaba le moruo, ho kenyeletswa ho dula ka mokhukhung, Mosia o fetohile mohale wa lehae Mamafubedu ka lebaka la mosebetsi wa hae wa ho pheta dintwa tsa nalane ya [[Afrika Borwa]], ho theha musiamo o fumanehang, le ho qala merero ya polokeho le bonono ho phahamisa setjhaba sa hae. <ref>https://www.netwerk24.com/netwerk24/man-finds-vision-for-the-future-in-the-past-20170704-2</ref>
O hlahetse le ho holela motseng wa [[Petrus Steyn|Mamafubedu]], Mosia o ile a ba le thahasello e tebileng nalaneng le moetlong wa Afrika Borwa ho tloha bongwaneng, mme takatso ya hae ya lefa le ho pheta dipale hamorao e ile ya fetoha karolo e hlahelletseng ya ho boloka lefa la nalane le setso sa botjhaba sa hae sa [[Basotho]]. <ref>https://www.netwerk24.com/netwerk24/man-finds-vision-for-the-future-in-the-past-20170704-2</ref>
O ile a qala ka ho sebetsa e le mosebeletsi wa serapeng motseng wa [[Vereeniging]] pele a eba mosebeletsi wa mmaene ho Anglo Platinum Mokopane. <ref>https://www.huffingtonpost.co.uk/2017/09/01/meet-miner-twin-mosia-who-is-trying-to-make-history-literally_a_23193305/</ref>O ile a fallela Kolomela Mine ho Postmasburg pele a tlohela ka 2015 ho tsepamisa maikutlo ho lefa le dimusiamo. <ref>https://www.huffingtonpost.co.uk/2017/09/01/meet-miner-twin-mosia-who-is-trying-to-make-history-literally_a_23193305/</ref>
Ka ho etsa ditshwantsho tse ntjha, mananeo a thuto le dipontsho tsa dijithale, Mosia o tlisitse tlhokomediso ya dipale tse sa tshwauweng hantle nalaneng ya Afrika Borwa, haholoholo karolo eo Ma-afrika Borwa a batsho a ileng a e bapala nakong ya dintwa.
=== Mosebetsi wa musiamo le wa lefa ===
Mosia ke mothehi wa [[Elandskop Museum|Musiamo wa Elandskop]], mohato wa lefa o thehilweng seteisheneng sa terene sa Transnet se senyehileng seo a ikemiseditseng ho se fetola e be sebaka sa lefa sa lehae.<ref>https://www.bizcommunity.com/Article/196/787/170959.html</ref>
O ile a qala ho tsebahala ka ho nka karolo ho phetheng Ntwa ya Anglo-Boer (1899-1902) le Ntwa ya Basotho (1858-1868) - e ba e mong wa Ma-afrika Borwa a pele a batho batsho ho hlalosa diketsahalo tsena tsa bohlokwa tsa nalane. Mosebetsi wa hae o totobatsa menehelo e atisang ho hlokomolohuwa ya Batho ba batsho nakong ya dikgohlano tsena. <ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://bloemnuus.co.za/new-additions-in-the-boer-war-museum-make-it-a-must-visit-20231129-2/ |access-date=2025-12-02 |archive-date=2025-10-18 |archive-url=https://web.archive.org/web/20251018135207/https://bloemnuus.co.za/new-additions-in-the-boer-war-museum-make-it-a-must-visit-20231129-2/ |dead-url=yes }}</ref>
[[File:Posing_for_a_photo_with_fellow_participants_from_Russia_at_Wikimania_2018_in_Cape_Town.jpg|thumb|Twin Mosia le barupeli ba Wikimania 2018 Cape Town.]]
Ka 2013, Mosia o ile a kopana le Dr. Van Zyl Musiamong wa Ntwa ya Anglo-Boer e [[Mangaung|Bloemfontein]] mme ho tloha moo a phethahatsa ditoro tsa hae tsa ho ba mohlokomedi wa lefa. Ka 2015 Mosia o ile a memelwa ho fana ka puo Univesithi ya Sol Plaatje mme a hira baithuti ho nka karolo ho thunngwa ha filimi ya ditokomane lebaleng la ntwa la Magersfontein. Ho tloha ka nako eo o hlahisitswe difiliming tse pedi tsa ditokomane [[Hôlanê|Netherlands]], tse bitswang Goede Hoop ("Tshepo e Ntle") le ''Black, White & Khaki''. ''''Hoop ya Goede'''' e ile ya bontshwa Rijksmuseum e [[Amsterdam]]. <ref>https://voertaal.nu/twin-mosia-brengt-de-geschiedenis-tot-leven/</ref>
Mosia ke moithuti sa Global Cultural Leadership Program y selemo sa ya 2018 e neng e tshwaretswe [[Amsterdam]], Netherlands, ka 2018 le Brussels, Belgium ka 2019.<ref>https://www.cultureinexternalrelations.eu/search/Twin%20Mosia</ref>E hlophisitswe ke Goethe-Institut ka kopanelo le dipuisano tsa Setso, European Union, British Council, BORAZ Centre for Fine Arts Brussels, EUNIC Global, European Cultural Foundation le Institut Francais, Global Cultural Leadership Program e ile ya tlisa baetapele ba batjha ba 40 ba setso sa lefatshe ka bonono, lefa, setso, dimusiamo, tikoloho, difilimi, lebala la diketsahalo le mmino hammoho le ho buisana ka ditaba tsa bohlokwa tsa lefatshe le tharollo e ka bang teng ka marang-rang, bolekane le tshebedisano e nang le moelelo.<ref>https://www.cultureinexternalrelations.eu/2018/04/25/two-years-of-global-cultural-leadership-programme</ref>
O boetse ya eba moithuti wa American Express Academy for Emerging Innovators 2019 ene tshwaretswe [[Nairobi]], [[Kenya]] mme qetellong ke Independent Curators International - Curatorial Intensive 2019 e tshwaretsweng [[Motse Kapa|Cape Town]].<ref>https://curatorsintl.org/about/collaborators/7776-twin-mosia</ref> Ka 2018, o ile a phatlalatswa e le moemedi wa [[Veldskoen Shoes|dieta tsa Veldskoen]].<ref>https://www.ofm.co.za/article/centralsa/329388/love-for-heritage-local-products-land-free-state-man-a-job</ref><ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://www.veldskoen.com/blogs/news/meet-twin-mosia-legend-in-the-making |access-date=2025-12-02 |archive-date=2025-03-26 |archive-url=https://web.archive.org/web/20250326074326/https://www.veldskoen.com/blogs/news/meet-twin-mosia-legend-in-the-making |dead-url=yes }}</ref><ref>https://www.veldskoen.com/blogs/news/after-climbing-a-great-hill-one-only-finds-that-there-are-many-more-hills-to-climb</ref>
Ka 2024, Mosia o ile a khethwa ho sebeletsa lekgotleng la Free State Provincial Heritage Resources Authority le ho eletsa MEC ya Lefapha la Bonono le Setso la Free State. <ref>https://theguard.co.za/rhino-park-in-petrus-steyn-to-celebrate-200-years-of-basotho-nation/</ref>
s6r95jcdh6fau5wg8h860qi5v0w9h32
Fanele Ntuli
0
10697
40592
39893
2026-08-11T00:41:47Z
InternetArchiveBot
8513
Rescuing 1 sources and tagging 0 as dead.) #IABot (v2.0.9.5
40592
wikitext
text/x-wiki
'''Fanele Ntuli''' (o hlahile ka 7 Hlakubele 1991) ke sebapadi sa Afrika Borwa, mofani wa thelevishene le YouTuber.<ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://savannanews.com/fanele-ntuli-biography-age-career-tv-roles-youtube-insta-pics-net-worth-durban-gen/ |access-date=2026-06-24 |archive-date=2026-01-19 |archive-url=https://web.archive.org/web/20260119021849/https://savannanews.com/fanele-ntuli-biography-age-career-tv-roles-youtube-insta-pics-net-worth-durban-gen/ |dead-url=yes }}</ref> O tsejwa haholo ka dikarolo tsa thelevishene ''Uzalo'' le ''Durban Gen''.<ref><nowiki>https://styleyou7.com/dr-zondo-from-durban-gen-currently-left-fans-in-a-frenzy-with-her-latest-look/</nowiki> </ref>
== Bophelo ba motho ==
O ile a kena Durban Girls High School ka 2003 mme a etsa materiki ka selemo sa 2008. Ka 2013, o ile a fumana lengolo la thuto e phahameng ya ditshwantshiso ho tswa Oaksfields College.<ref>https://web.archive.org/web/20211113183546/https://talent-etc.co.za/wp-content/uploads/2019/06/FANELE-NTULI-CV.pdf</ref>
== Mosebetsi ==
Nakong ya bophelo ba hae Kolecheng ya Oaksfields, o ile a bapala dipapading tsa theater tse kang; In Love With Shakespeare ka karolo ya "Lady Mac Beth", ho The Story of Jane Doe e le "Nurse Coco" le ho Imagine e le "Michelle, moloi". Ka 2015, o ile a qala ho shebella thelevishene ka karolo e nyane ya "Mofumahadi wa Sekolo" ho soap opera ''Isibaya''. Ka mora moo, ka 2016, o ile a ikopanya le ''Uzalo'' ya letoto la dihlooho ho bapala karolo ea "Mandisa".<ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://talent-etc.co.za/wp-content/uploads/2019/06/FANELE-NTULI-CV.pdf |access-date=2026-06-24 |archive-date=2021-11-13 |archive-url=https://web.archive.org/web/20211113183546/https://talent-etc.co.za/wp-content/uploads/2019/06/FANELE-NTULI-CV.pdf |dead-url=yes }}</ref> Ka mora katleho eo, o ile a ikopanya le sehlopha sa kamehla sa e.tv. telenovela ya drama ya bongaka ''Durban Gen'', moo a bapalang karolo ya "Dr Thandekile Zondo".<ref>https://web.archive.org/web/20211113183547/https://www.safrolebs.com/blog/celebs/biographies/fanele-ntuli-biography/</ref> Hona jwale o bapala karolo ya "Nomaswazi Magwaza" ho letoto la Uzalo kamora hore a bapale "Mandisa" ka 2016.
{| class="wikitable"
!Selemo
!Filimi
!Karolo
!Mofuta wa di-slide
!Moahlodi.
|-
|2022
|''[[Uzalo]]''
|Nomsawazi Magwaza
|Sophie o ile a re:
|
|-
|2015
|[[Isibaya]]
|Ngwanana wa Sekolo
|telenovela
|
|-
|2019
|[[Ifalakhe]]
|Zanezulu
|Letoto la TV
|
|-
|2019-2023
|''[[Durban Gen]]''
|Dr. Thandekile Zondo
|Telenovela
|
|}
== Mehlodi ==
ldolpfxnbicrcj3kkzf0a9f8cy8wpnu
Tlhaho ya ngwana: Moetlo wa Basotho
0
10819
40598
40491
2026-08-11T02:29:38Z
InternetArchiveBot
8513
Rescuing 1 sources and tagging 0 as dead.) #IABot (v2.0.9.5
40598
wikitext
text/x-wiki
'''Basotho''' ba na le meetlo e mengata e amanang le bophelo ba bona. Meetlo ena e tsamaya e sa tshwane mona le mane ho ya ka hore o wa leloko lefe ka ha meloko e boplileng setjhaba sa [[Basotho]] e le mengata. O mong wa meetlo ena ke moetlo o etswang [[:en:Childbirth|ha lesea le belehwa]].<ref>{{Cite web |title=Archive copy |url=https://seelesotho.com/infant-child/ |access-date=2026-07-29 |archive-date=2026-05-21 |archive-url=https://web.archive.org/web/20260521111331/http://seelesotho.com/infant-child/ |dead-url=yes }}</ref>
== Tlhaho ya ngwana ==
Ha ngwana a hlahile, ba bang ba [[:en:Midwife|babelehisi]] ba tla ya ho ntate wa hae ba mo tshele ka mohope wa metsi ha lesea e le ngwanana athe ha e le moshenyana ba tla mo hobela ka thupa. Ha ba kgutla moo ba tla hloma mahlaka jareteng. Mahlaka ana a hlomelwa ho thibela batho hore ba se ke ba kena motswetseng. Ha ngwana e le ngwanana ho hlongwa makala a mabedi, le le leng ka pele ho jarete, le le leng ka morao ha jarete. Ha e le moshenyana ho hlongwa a mabedi ka pele ho jarete mme a mararo ka morao ha jarete. Ha bana e le [[:en:Twin|mafahla]], ho ntse ho etswa moetlo o tshwanang hobane a nkwa e le motho a le mong.
Ka mora matsatsi a leshome, motswetse o tla tswela ka ntle mme ha a se a tswetse ka ntle ho tla hlajwa phahlo e kgutshwaneya ho ananela ngwana, mme phahlo eo e bitswa [[Nalane ya Basotho|thari]]. Phahlo ena hape e se e ntse e le teboho ya babelehisi. Ho tloha moo ngwana o tla rehwa lebitso ke batswadi ba hae.
== Tlhaho ya ngwana matsatsing a jwale ==
Matsatsing a jwale Basotho ba bangata ha ba sa o phetha moetlo ona ka ha dinako di se di fetohile.
== Mehlodi ==
[[Category:Meetlo ya Basotho]]
[[Category:Tlhaho ya lesea]]
[[Category:Motswetse]]
hewntlf2n0pi2jmtxf5kw1fxy06wq6a
The Peoples Independent Civic
0
10823
40597
40511
2026-08-11T02:20:25Z
InternetArchiveBot
8513
Rescuing 1 sources and tagging 0 as dead.) #IABot (v2.0.9.5
40597
wikitext
text/x-wiki
'''The Peoples Independent Civic Organisation''' ('''TPICO''') ( '''TPICO''' ) ke mokha o monyane wa dipolotiki Masepaleng wa Setereke sa West Coast Afrika Borwa. E ne e na le lekhanselara le le leng lekgotleng la Masepala wa Sebaka sa Matzikama le le leng lekgotleng la Masepala wa Sebaka sa Swartland pakeng tsa dilemo tsa 2011 le 2016. Matzikama e ile ea theha karolo ea mokgatlo o busang wa [[African National Congress]] le [[New Generation Party (South Africa)|New Generation Party]] ho fihlela Democratic Alliance e hapa taolo ea lekgotla ka selemo sa 2016.<ref>https://www.timeslive.co.za/politics/2012/01/20/anc-moves-in-on-da-cape-turf/</ref>
== Ditshupiso ==
{{Reflist}}
== Dihokelo tsa kantle ==
* [https://web.archive.org/web/20131203005507/http://www.tpico.co.za/ Webosaete ya semmuso]
oqbnh8xyqmxwf7dl2jjvisj3vbfgp41
Linda Mbeki
0
10845
40600
2026-08-11T09:07:18Z
SANKOMOTA
11165
Created by translating the opening section from the page "[[:en:Special:Redirect/revision/1359356985|Linda Mbeki]]"
40600
wikitext
text/x-wiki
'''Linda Thokozile Mbeki''' (1941 - 17 Hlakubele 2003) e ne e le mohanyetsi wa dipolotiki wa Afrika Borwa ebile e le setho sa lelapa le hlahelletseng la ha Mbeki. E ne e le moradi e moholo wa di-stalwarts tse kgahlanong le kgethollo ya merabe Govan Mbeki le Epainette Mbeki. E ne e boetse e le Kgaitsedi e kgolo ya mopresidente wa mehleng wa Afrika Borwa [[Thabo Mbeki]].
6v5pug4p07q28vx2n8zdt9kzcufustr